"Jesu oa ka kea tsieloa" by SJV Choir - St John Vianney Seminary

Описание к видео "Jesu oa ka kea tsieloa" by SJV Choir - St John Vianney Seminary

Jesu oa ka kea tsieloa
Ke tla u leboha joang na;
Ka baka la neho e kholo
Eo u e entseng ho batho!

E! Sakramente e monate
Mosa oa hao ke osele!

Botho le bona bomolimo
Ba Jesu bo nehoa batho;
Ho e mong le e mong oa rona
O inehela kaofela.

‘Me joale sefuba sa motho
Se fetoha ntlo ea Jesu;
‘Me mobopuoa o eteloa
Ke ‘Mopi oa hae! Ho joang na!

Jesu o s’a lula ho motho
Le eena motho ho Jesu.
E mong a re: ha ke sa phela.
Ke Jesu ea phelang ho ‘na.

Hojane pelo e hloekileng
Ea Maria ho ‘na e teng!
Oho Morena, nka nyakalla
Ha nka u rata ka eona.

Jesu, ke uena ea tlisitseng
Mollo ho rona lefatseng,
Ak’u re hotetse ka oona
Re tla u rata ka mehla.

Difela tsa Bakriste
Difela tsa Katolike
South African Catholic Songs
South African Gospel Choir
Batswana/Botswana Catholics
Lesotho/Basotho Catholics

Комментарии

Информация по комментариям в разработке