Statement sa Mme Lucky Mohlabi wa Jerusalema Encha 16 October 2022

Описание к видео Statement sa Mme Lucky Mohlabi wa Jerusalema Encha 16 October 2022

Event: Mokete waCWJ
Date: 16 October 2022
Church: St John's Apostolic Faith Mission Church of Prophecy
Hymn book: Difela tsa Sione

Hymn 1: #17 Ea itsepelang Molimo
1. Ea itšepelang Molimo
Le botšepehi ba oona,
A ka hla lula ka khotso
Har'a tšiu tsa mefuta.
Mookameli ea renang
O tseba see re se hlokang.

2. Li thusang lipelaelo,
Le 'ona masisapelo?
Na moabi oa bophelo
H'a bo lise ka lerato?
Mookameli ea renang
O tseba see re se hlokang.

Hymn 2: #200 Lona ba ratang ho phela
1. Lona ba ratang ho phela
Mohlapeng oa Jesu,
Hopolang tsietsi tsa tsela
E isang ha eso. (bis)

2. Ke 'mila o mosesane
O hakang maoatla,
Le khoro e patisane,
E kenoa ka matla, (bis)

3. Nonyana li na le matlo,
Li lula monateng;
Ha ho moo hlooho ea Jesu
E ka sameloang teng. (bis)

4. Ba reng ba mo sala morao,
Ba itele pele
Ba se ke ba tšaba molao
O thapisang 'mele. (bis)

5. Ba inkele sefapano
Mahetleng a bona;
Ba tle ba shoele likano
Tsee ba leng ho tsona. (bis)

Комментарии

Информация по комментариям в разработке